Tlhokomelo ya kolobe le madinyane a tsona ho tloha tswalong ho ya ho kgwesweng
Nako e bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba kolobe ke ho tloha tswalong ho ya ho kgwesweng. Palohare ya dikolobe tse pedi di a shwa lapeng ka leng la tsona mme di shwa nakong ena. Botsamaisi bo sa lokang ke lona lebaka le ka sehlohong le etsang sena, le ha e le hore se bakang sena e ba ho ripitlwa, ho tswa madi mokgugung, animia, tlala kapa dikokwanahloko.
Kolobe e tshehadi
Ka kakaretso kemaro ya dikolobe ke matsatsi a 114 (dikgwedi tse 3, beke tse 3 le matsatsi a 3). Kolobe e lokela ho hlatsuwa le ho tshelwa ka dibolayadikokwanahloko pele e ka tloswa hokong ya tswadiso (matsatsi a 4 ho isa ho a 5 pele ho ho tswala).
Kolobe e seng e le makgatheng a ho tswala e ka tloswa hokong hang ka beke, hore e tle e tsebe ho tlwaela hoko ya ho tswalla hore ho tle ho fokotsehe kgatello ya maikutlo a yona.
Letswele le lokela ho hlahlojwa ka hloko ho bona hore ha ho na dibaka tse tiileng le maqhutsu.
Maqhutsu a ka alafuwa ka meriana ya diantibayotiki.
Ho tlala moya ka mpeng ha ngata ho a etsahala empa ho ka thibelwa ka ho fepa dikolobe tse tshehadi dijo tse tala tse tshwanang le furu kapa tse nang le ditlheferetsi tse ngata (brono kapa pollard).
Ho lokisetsa tswalo
Hoko ya tswadiso e lokela ho ahwa sebakeng se holenyana le dihoko tse ding.
Bohlweki bo lokelwa ke ho bolokwa ka nako tsohle.
Ho bohlokwa ho hlatswa hoko ya ho tswadisa e le maemong a matle ka mora hore kolobe e tshehadi le madinyane a yona di tlositswe.
Ditshila tsohle di lokelwa ho tloswa ka ho sebedisa tjhupu ya metsi a tswang ka matla, borashe ba ho koropa kapa lefielo le thata.
Hoko e lokela ho hlwekiswa ka ho sebedisa sebolayadikokwanahloko se kang motswako wa 4% formalin. E lokelwa ho dula e se na letho nako ya matsatsi a 2 ho isa ho 3.
Seretse sebakeng sa ho robala le bometsi di lokela ho tloswa tsatsi ka leng mme ho etswe sebaka se ommeng.
Tswadiso
Madinyane a kolobe a sa tswa tswalwa a na le ditlhoko tse tharo tsa sethatho, e leng
Tikoloho e loketseng
Dijo tse lekaneng le tse fanwang kgafetsa
Tlhokeho ya dikokwanahloko le ho ripitlwa.
Dintlha tse latelang di lokela ho hlokomelwa ka more hore kolobe e tswale:
Ho tlallana moya ka maleng ha kolobe e tshehadi
Mohlana o lokela ho ntshuwa
Hlahloba kolobe e tshehadi bakeng la feberu e ka bakwang ke tshwaetso
Feberu ya lebese e ka nna ya hlaha nakong ya matsatsi a mmalwa ka mora ho tswala le ho ruruha ha letswele
Kolobe e tshehadi e lokela ho ba le lebese le lekaneng ? agalactia e ka etsa hore madinyane a bolawe ke tlala
Agalactia le ho ruruha ha letswele di hloka kalafo ka pele mme setsebi se lokela ho bitswa hanghang.
Tsamaiso ka mora tswalo
Mokgubu
Mokgubu o lokela ho kgaolwa ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng, matsatsi a mmalwa ka mora ho tswalwa ha madinyane
Bolelele ba mokgubu bo ka ba disentimitara tse 12 mme karolo ya disentimitara tse 2 e lokela ho siuwa. Sebedisa sekere se neng se kentswe ka hara sebolayadikokwanahloko
Mokgubu o lokela ho hlatsuwa ka sebolayadikokwanahloko ka motswako wa ayodini ho thibela tshwaetso ke dibakithiria.
Ho sakgwa ha meno
Ho thibela kotsi nakong eo madinyane a lwanang mme ho thibela ho loma le ho ngwapa ditlhoko tsa kolobe e tshehadi.
Sakga meno ka hloko ho balehela ho senya marenene.
Ho bolokehile le ho lokela ho siya ho ka etsang halofo ya meno ha ho sakgwa meno
Ho boetse ho le bohlokwa ho sakga meno ka sesebediswa sa ho a sakga se loketseng.
Ho entela aene
Madinyane a dikolobe a tswalwa a na le mehlodi e menyane ya aene mme lebese la kolobe e tshehadi ha le fane ka aene e hlokehang madinyaneng a hodisetswang mekatong ya konkreiti.
Tlhokeho ya aene e baka animia, ho bakang ho se rate dijo le kgolo e seng ntle.
Tlatsetso ya aene e lokela ho fanwa ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng ka mora tswalo (matsatsi a 3 ho isa ho a 7) ka ho fana ka ente molaleng.
Ho kgaolwa ha mohatla
Ho fokotsa ho lomana mehatla le tshwaetso ha madinyane a kolobe a se a hotse
Mehatla le meno di lokela ho kgaolwa pele madinyane a ka feta matsatsi a mararo a tswetswe
Ho tshwauwa ha ditsebe
Madinyane a dikolobe a lokela ho tshwauwa ditsebeng bakeng la ho ka a tseba.
Ho na le mefuta e mengata e fapaneng ya masale a ka kenngwang ditsebeng.
Mokgwa wa nomoro ya Mokgatlo wa SA Pedigree Association o lokelwa ho sebedisetswa leloko la diphoofolo.
Fonofono: 672 9111
